Joele 1:17-20 BIBELE (SSO89SO)

17. Peo e bolelletse katlasa makwete,mediko e senyehile, disiu di tabohile,hobane mabele le wona a phutsitse.

18. Diphoofolo di dumaela habohloko!Mehlape ya dikgomo e a diila,e hloka makgulo;mehlape ya dikgutshwanele yona e a tsherema.

19. Oho, Morena,ke ipiletsa ho wena,hobane hlaha e tjhesitsemakgulo a lehwatata,fate tsohle le tsonatsa tjhella hara dithota.

20. Dibatana tsa naha di a o bokollela,hobane metsi a dinokaa pshele pshi!Hlaha e tjhesitsele makgulo a lehwatata.

Joele 1