Jobo 6:12-27 BIBELE (SSO89SO)

12. Na mmele wa kao thata jwaloka lejwe?Kapa nama ya kae entswe ka lethose?

13. Matla o ho ithusa a mpheletse,sehlaha sa bohlale se setse feela.”

14. “Ya nyahameng peloeka kgona a hauhelwe, ke metswalle,leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.

15. Bana beso ha ba tshepahalesa melatswana,ba ka melatswana e tlala,e ba e feta,

16. e ba madukeke qhoqhwaane ho qhibidiha,e patehe ke lehlwa ho kgetheha.

17. Ha motjheso o fihla e a nyamela,ha tsatsi le ema a pshele ruri.

18. Baeti ba kgeloha tsela,ba batla metsi,ba ye lehwatateng,ba be ba timele.

19. Baeti ba tswang Temaba batla metsi,bahwebi ba Shebaba batla ka letshepa;

20. ba tsielehile,leha ba ne ba tshepile,ba fihlile teng, jwale ba swabile.

21. Ho nna, le lona le ka melatswana eo:Le a bona ke wele ka phatla,lona le a ntshabella!

22. Na nkile ka re:<Mpheng hona le hane>?Kapa <Ntefelleng ka maruo a lona?>

23. Kapa: <Nnamolelengmatsohong a dira tsa ka?Mpholosengho ba matla ho mpheta>?

24. “Nthuteng,ke tla mamela ke didimetse,le ntlhalosetse na phoso ya ka e kae.

25. Mantswe a nnete a matla hakaakang!Polelo tsa lona ekaba di supa eng?

26. Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka,le re tsa ya tsherehanengdi ya le moya feela?

27. Le kgutsanyana kgudu!le ka e rekisa,la tjhekela motswalle wa lona lemena.

Jobo 6