Jobo 6:11-22 BIBELE (SSO89SO)

11. “Ke sa na le matla afe,a ho nnea letshepa?Ke tla fella kae,ha ke qenehetse ho phela?

12. Na mmele wa kao thata jwaloka lejwe?Kapa nama ya kae entswe ka lethose?

13. Matla o ho ithusa a mpheletse,sehlaha sa bohlale se setse feela.”

14. “Ya nyahameng peloeka kgona a hauhelwe, ke metswalle,leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.

15. Bana beso ha ba tshepahalesa melatswana,ba ka melatswana e tlala,e ba e feta,

16. e ba madukeke qhoqhwaane ho qhibidiha,e patehe ke lehlwa ho kgetheha.

17. Ha motjheso o fihla e a nyamela,ha tsatsi le ema a pshele ruri.

18. Baeti ba kgeloha tsela,ba batla metsi,ba ye lehwatateng,ba be ba timele.

19. Baeti ba tswang Temaba batla metsi,bahwebi ba Shebaba batla ka letshepa;

20. ba tsielehile,leha ba ne ba tshepile,ba fihlile teng, jwale ba swabile.

21. Ho nna, le lona le ka melatswana eo:Le a bona ke wele ka phatla,lona le a ntshabella!

22. Na nkile ka re:<Mpheng hona le hane>?Kapa <Ntefelleng ka maruo a lona?>

Jobo 6