Jobo 42:12-17 BIBELE (SSO89SO)

12. Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete.

13. A ba a ba le bara ba supileng le baradi ba bararo.

14. Moradi e moholo a mo rea lebitso la Jemima, wa bobedi a mo rea la Kesia, wa boraro a mo rea la Kerene-Hapuke.

15. Naheng eo yohle ha ho a ka ha eba le barwetsana ba batle jwaloka baradi bao ba Jobo. Ntata bona a ba abela lefa jwalokaha a ile a abela bana babo bona.

16. Kamora mona, Jobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane. A bona bana ba hae le ditloholo le ditloholwana tsa hae ho ya fihla molokong wa bone.

17. Jobo a shwa a se a tsofetse haholo, dilemo tsa hae di le ngata.

Jobo 42