Jobo 38:31-38 BIBELE (SSO89SO)

31. “Na o ka tlamahanyamahlaahlela a Selemela,kapa wa lokollakgwele tsa Makolobe?

32. Na o ka hlahisa dinaledika dinako tsa tsona,wa tsamaisa Berele naletsana tsa yona?

33. Melao e tsamaisang tsa lehodimona o a e tseba?Na le moo lefatshengo ka e sebedisa?

34. “Ka ntswe la hao,na maru o ka a laela hore a o apeseka pula ya ditlwebelele?

35. Na ke wena ya ka laelang lehadimaho thwakgatsa?Na le ye le tle ho wena,le re: <Ke nna enwa?>

36. Pelo ya mothobohlale e bo filwe ke mang?Mohopolo wonakutlwisiso wa e newa ke mang?

37. Mohlalefi ke ofeya tsebang ho bala maru,ya ka thulamisang merifi,merifi ya lehodimo,

38. ha role la lefatshele fetoha sengangata,makwete a momana,a etsa diqitikwe?

Jobo 38