Jobo 36:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Elehu a tswela pele, a re:

2. “Bea butle ho se hokae,nke ke o bontshe:Polelo tse emelang Modimodi sa le teng.

3. Tsebo ke tla e fuputsahole le hohle,ha ke buella ho lokaha Mmopi wa ka.

4. Polelo tsa ka hase tsa bosawana;ya buang le wenake monna wa mohlalefi.

5. “Modimo o matla,empa ha a nyedise batho;ha ho letho leo a sa le tsebeng.

6. A ke ke a tlohelamoetsadibe a phela,empa mafutsanao a sebeletsa ka toka.

7. Ba lokileng ha a kgaotseho ba hlokomela,o ba bea le dikgosihodima diterone;o ba bea teng,a ba phahamise kamehla yohle.

8. Empa ha ba tlamilweka mahlaahlela,ba bofilweka kgwele tsa tlokotsi,

9. o ba supisa mesebetsi ya bona,dibe tse entsweng ka boikgantsho.

10. O etsa horeba mamele kgalemelo ya hae,a ba laele horeba furalle bokgopo.

11. Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa,ba tla qeta matsatsi a bonaka boiketlo,lemo tsa bonaba di qete ba atlehile.

12. Empa ha ba ithiba ditsebe,ba sa mamele,lefu la bona e tla ba la sabole,ba be ba shwe tsebo ba se na yona.

13. “Baetsadibe ba tletse kgalefodipelong tsa bona,leha ba se ba tlamilweha ba ke ba kopa thuso.

14. Ba shwa ba sa le batjha,ba shwe ba phela le bo-ramaotwana.

Jobo 36