Jobo 34:21-34 BIBELE (SSO89SO)

21. “Mahlo a hae a disitsemetsamao ya batho,mehato yohle ya bathole yona o a e bona.

22. Ha ho na lefifi le letsholetsho,moo baetsadibeba ka tsebang ho ipata.

23. Modimo ha a hlokeho balla batho dinakoho tla kahlolong, kapele ho yena.

24. O thuakanya bo-ramonatlaho se na nyewe,tulong tsa bona ebe o bea ba bang.

25. Ka baka leo,mesebetsi ya bona o a e tseba,ba phetholwa e le bosiu,ebe ba a phetshelwa.

26. Modimo o ba otlelabokgopo ba bona,o ba otlelapontsheng ya batho bohle,

27. hobane ba kgaoditse ho mo latela,ha ba a ka ba natsatsela tsohle tsa hae.

28. Dillo tsa mafutsanaba di fihlisitse ho yena,dillo tsa bahlomohiModimo o a di utlwa.

29. “Haeba a ikgutsetsaa ka nyatswa ke mang?Ha ipata sefahleho,teng a ka bonwa ke mang?O okametse batho le ditjhabaka ho tshwana.

30. O thibela motho ya kgopo ho busa,a mo thibeleha a tjhehela setjhaba maraba.

31. “Haeba mothoa ka re ho Modimo:<Ke ipona molato,nke ke ka sitwa hape;

32. ako nthute tseo ke sa di tsebeng,haeba ke entse bokgoponke ke ka pheta hape;>

33. na o re Modimoa ye ka thato ya hao,athe wena o nyatsa diketso tsa hae?Boikgethelo ke ba hao,hase ba ka,kahoo wena bolelaseo o se tsebang.

34. “Ba nang le kutlwisisoba tla bolela,banna ba bohlale,ba nkutlwang, ba re:

Jobo 34