Jobo 33:9-27 BIBELE (SSO89SO)

9. <Nna ke hlwekile, ha ke na sebe,ke hlatswehile, ha ke na bokgopo,

10. empa jwale Modimo o mpea dibato,o ntadima ke le sera sa hae.

11. Maoto a ka o a tlamileka mahlaahlela,tselana tsa ka tsohleo a di lekola.>

12. “Tabeng ena o fositse;ke o araba ka ho re:Modimo o moholo ho feta motho.

13. Ke ka baka langha o phea kgang le yena,o re polelo tsa hao ha a di arabe?

14. Modimo o buaka mekgwa e le mengata,empa ha ho ya keng a hlokomele.

15. Torong le ponong tsa bosiu,ha phume sa borokobatho se ba katetse,phateng tsa bona ba kgalehile,

16. Modimo o nyenyeletsatsebeng tsa batho,a ba tshose ka keletso tsa hae,

17. hore tsela tse kgopoba di kgelohe,boikakaso bo be hole le bona.

18. Modimo o phemisa mothoho theohela lebitleng,a mo phemise ho bolawa ka sabole.

19. O kgalemela mothoka ho mo robatsa phateng tsa lefu,a opise masapo a hae wohleho se kgaotso;

20. jwale takatso ya dijoebe e a fela,a nyonye le dimonatetseo a di ratang.

21. O ye a fetohe moketa,a motele dinama,e sale e le masatswane,palwadikgopo.

22. Moya wa hae o atamela lebitla,phelo ba hae bo atamele babolai.”

23. “Haeba lengeloi le lengla a sekete,le le hlakoreng la hae,e le mmoelanyi,le ruta motho seo e leng toka,

24. le tla mo hauhela,le bue, le re:<Mo hauhele,a se theohele lebitleng,hobane ke se ke mo fumanetsese mo lopollang.>

25. Nama ya hae e tla ntjhafala,e tshwane le ya lesea,a okolohe, a tshwanele mehleng ya botjha ba hae.

26. O tla rapela Modimo,yena a mo rekolohele,fahleho sa hae a tla se bonea nyakaletse,hobane Modimo o mmuseletsaho loka ha hae.

27. O tla binela batho,ebe o re ho bona:<Ke entse sebe,ka kgopamisa ho loka,empa sebe seo sa kaha ke a se otlelwa.

Jobo 33