18. ho tloha botjheng ba kake e hodisitse ke le ntata,ka baballa mohlolohadiho tloha mohla ke tswalwang,
19. haeba nkile ka bona mothoa eshwa ke ho hloka diaparo,kapa mofumanehia se na le nketlana;
20. haeba ho se ya kilenga ntlohohonolofatsa,leha a ile a futhumatswake boya ba nku tsa ka;
21. haeba nkile ka otla kgutsanaka tsoho la ka,hobane ke tseba hore ka kgotlanke ke ka tsuwa,
22. phaka sa kaa se motsuhe lehetleng,tsoho la ka le robehe setsweng,lenonyeletsong.
23. Ho tshaba Modimoho ne ho nthibela,tlotla ya haee ntshabisa ho etsa tsena.
24. “Haeba nnake itshepetse kgauta feela,eba kgauta e hlwekisitswengke tshepa la ka;
25. haeba ke nyakaladitsweke ho rua haholo,hobane ka matsoho a kake sebeditse haholo;
26. haeba nkile ka bohatsatsi ha le phatsima,kapa kgwedie tsamaya ka leredi la yona,
27. kunutung la pelo ya ka ka lekeha,ka aka tsoho la ka ho di obamela,
28. tsena le tsona ke dibetsa ho ahlolwa ke baahlodi,hoba Modimo ya kahodimoke tla be ke mo latotse.
29. “Na nkile ka thabela bomadimabe,madimabe ba sera sa ka,kapa ka thoholetsaha se welwa ke ditsietsi?
30. Ka molomo wa kaha ke eso bue bokgopo,ka ho lakaletsabophelo ba sona thohako.
31. Na ba lapa la ka ba kile ba re:<Ke mang ya sa kang a ja,a kgotsofala?>
32. Ha ho na moetiya kila lala thoteng,menyako ya lapa la kae buletswe batsamai.