Jobo 30:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Ba tjhekile mamena tseleng ya ka,ba atlehiswa ke tshenyeho ya ka,ba re: <Ha a na mothusi!>

14. Ba kena jwalokaha eka rako le wele,ba subuhlellana hara masupi!

15. Matshabeho wohlea nkwetse hodimo,a ntlositse seritika ho panya ha ntshi,maruo a ka a fedile sa mouwane.

16. “Moya wa kao qhashoha kahare ho nna,matsatsi a ho hlokofatswaa mphihletse;

17. ke lala ke tjhobelwake masapo bosiu,bohloko bo nkokonangha bo mphe sebaka.

18. Matla a bohloko ba kaa senya aparo tsa ka,a nkgama jwaloka molalawa hempe ya ka.

19. Modimo o nkakgetse kahara seretse,ke se ke tshwana le lerolele wona molora.

20. “Ke ipiletsa ho wena, Modimo,empa ha o nkarabe;ke ema kapela hao,empa o ntadima feela!

21. O mphuthuhela o se na mohau,tsoho la hao le matlale a ntwantsha.

22. O mphahamisetsa hodimo, moyeng,ka sefefoo nkakgoletse kwana le kwana.

23. Ke a tseba hobao tla nkisa lefung,tlung e kgethetsweng bohle,bohle ba phelang.

24. “Ha ke re ya shwango otlolla letsoho la hae,ha a llela thuso tlokotsing ya hae?

Jobo 30