Jobo 24:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. “Ba kgopo ba suthisamekolokotwane ya meedi,ba utswe mehlape,ba be ba e katle.

3. Tonki ya kgutsanaba e kgothela pele,pholo ya mohlolohadiba e nkele peeletso.

4. Ba thesela bafumanehihore ba suthe tseleng,mafutsana wohlea phela ka ho ipata.

5. “Jwaloka tonki e hlaha, lehwatateng,mafutsana a tsohella mosebetsing,ho ya sela,lefeella ke lonale fepang bana ba wona.

6. A kotula dijo masimong a ba kgopo.A kgwahlapise morararapeng tsa ba kgopo.

7. A robala a le feelake ho hloka kaparo,rame se fella hodima wonake ho hlobola.

8. Mafutsana a kolobiswake medupe ya thaba,a be a maname mafikengke ho hloka lephephe.

9. “Kgutsana e hlothwa letsweleng,tsweleng la mma yona,mofutsana o lefa molatoka lesea la hae.

Jobo 24