Jobo 15:7-21 BIBELE (SSO89SO)

7. “Ebe ke wenamotswalwapele wa motho?kapa o bopilwe pele ho maralla?

8. Na merero ya phiri tsa Modimoo a e tseba?Na bohlale bonaebe ke ba hao o le inotshi?

9. O tseba difetseo re se nang tsebo ya tsona?O utlwisisa difetseo re se nang kutlwisiso ya tsona?

10. Bo-raputswe le maqhekuba ka hlakoreng la rona,bannabaholo ba boneng letsatsipele ho ntatao.

11. “Na matshediso a Modimoo a a halala,le mantswe a buuwang ka bonolotsebeng tsa hao?

12. O dumellang ho rwalwake pelo ya hao?Mahlo a hao wonaa tukelang malakabe,

13. hoo o hlatsetsangkgalefo ya hao ho Modimo,o buang puo tse tjee,ka molomo wa hao?

14. “Motho ke ntho nngwe,hoo a ka bang le tlhweko?Ya tswetsweng ke mosadiyena a ka loka jwang?

15. Haesita Modimoa sa tshepe mangeloi a hae,mahlong a haele mahodimo a sa hlweka,

16. a ka tshepa motho jwang,a le manyala, a tletse podile,a momorotsa bokgoposa metsi a mophoko?”

17. “Thea tsebe, o mamele,ke o manollele,ke o bolelle tseo ke di bonengka mahlo a ka;

18. tse boletswengke banna ba bahlalefi,ba di bolela ba sa pate letho,ba bolela tseo ba di utlwileng,ho baholoholo ba bona;

19. bona bao naha e nenge abelwe bona feela,ho se molata o jakileng hara bona.

20. “Ya kgopoo kgwebethwa ke letswalo,le mo kgwebethaka tshiu tsohle tsa hae,mohatelli le yenale a mo kgwebetha,le mo kgwebetheka lemo tsohle tsa bophelo ba hae.

21. Tsebe tsa hae di tlalamedumo e tshosang,haeka tsohle di ya hantlebatupi ba mo hlasele.

Jobo 15