Jobo 14:5-12 BIBELE (SSO89SO)

5. Tshiu tsa motho di badilwe,palo ya kgwedi tsa haee tsejwa ke wena,o mo sehetse moedi,a ke ke be a o tlola.

6. Tlohela ho mo tjamela,a fumane phomolo,nako ya hae e be fetejwaloka ya mohiruwa.

7. “Esita le sefate se na le tshepo:Ha se ka rengwa se tla hlomela hape,makala a sona a ke ke a ba a fela.

8. Leha motso wa sonao ka tsofalla mobung,kutu ya sona ya bolla leroleng,

9. ha se utlwa monko wa metsise tla hloma,se mele makalajwaloka tlama se setjha.

10. Empa motho yena o a shwa,a fellwe ke matla,a neele moya, ebe jwale o kae?

11. “Jwalokaha metsi a letshaa nyamela, a fela,noka e feta, e be e pshe,

12. le motho o a robala,a roballe ruri!Ho fihlela ha mahodimo a fela,batho ba ke ke be ba tsebale ho phaphama,kapa ho tsoswaphumeng sa bona sa boroko.

Jobo 14