Jeremia 8:14-18 BIBELE (SSO89SO)

14. “Re sa duletseng?A re kgobokaneng bohle!A re tshabeleng metsenge haheleditsweng,lefu ha le fihlale re fumane moo!Morena Modimo o re abetse timelo,o tla re nwesa metsia tletseng mahloko,hobane rona re sitetswe Morena.

15. Re ne re lebeletse kgotso,empa ha re a fumana molemo;ra lebella nako ya ho fodiswa,empa ra tlelwa ke ditsietsi.

16. Ho kgorohla ha pere tsa Seraha utlwahala,ha utlwahala ho etswa Dane,naha yohle ya thothomelaha e utlwa ho tsetselaha pere tsa dishoqopa,hoba di tlile ho tla timetsa naha,ho timetsa le tsohletse leng ho yona:Motse le baahi bohle ba wona.”

17. “Ke tla romela dinoha hara lona,ke romele diqowanetseo le ke keng la di upa,mme di tla le loma,”ho rialo Morena.

18. Maswabi a kanka a mamella jwang?Pelo ya ka e nyahame, e tepeletse.

Jeremia 8