Jeremia 8:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. “ <Ka nako eo, ho rialo Morena, masapo a dikgosi tsa Juda le masapo a mahosana, le masapo a baprista, le masapo a baporofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema a tla epollwa mabitleng a wona.

2. A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.

3. Morena wa mabotho o re: Masalla wohle a setjhaba sena se kgopo, a tla phonyoha, a dibakeng tsohle tseo ke a leleketseng ho tsona, a tla ikgethela lefu bakeng sa bophelo.>

4. “O be o ba bolelle, o re:“ <Morena o bua tjena:“ <Ha motho a wela fatshe,na ha a ke a tsoha hape?Ha motho a kgeloha tsela,na ha a ke a kgutlela ho yona?

5. Ke ka baka langha tjhaba see se kgelohile?Keng ha baahi ba Jerusalemaba kgeloha kamehla?Ba kgomaretse leshano,ba hana ho kgutlamekgweng ya bona.

Jeremia 8