1. Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia, eo hahabo e neng e le Lebena.
2. Sedekiya a etsa bobe mahlong a Morena. A latela tsohle tseo Jehoyakime a neng a ile a di etsa.
3. Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae.Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.