Jeremia 51:48-59 BIBELE (SSO89SO)

48. Lehodimo le lefatshele tsohle tse ho lona,di tla bina,di thabele ho hlolwa ha Babilona,hobane batupi ba tla e futuhela,ba e futuhele ba etswa Leboya,”ho rialo Morena.

49. “Ka baka la Baiseraelebao e ba bolaileng,Babilona le yona e tla hlolwa,jwaloka babolauwa ba lefatshe lohle,ba bolailweng ka baka la Babilona,”ho rialo Morena.

50. “Lona ba phonyohileng sabole,tsamayang, le se ke la dikadika!Hopolang Morenale le naheng e hole,le nahane le yona Jerusalema.”

51. “Re dihlong,hoba re utlwile tse re nyatsang,fahleho tsa ronadi aparetswe ke maswabi;hoba baditjhaba ba kenedibakeng tse halalelang,ba kene ka Sehalalelongsa Tempele ya Morena.”

52. “Ka baka leo, bonang,matsatsi a a tla,”ho rialo Morena,“ao ka wona ke tla otlamedingwana ya bona,hara naha yohlemahlatsipa a tla dumaela.

53. Leha Babilonae ka nyolohela lehodimong,ya sireletsa marakoa qhobosheane tsa yona,ke tla e romela batupiba e futuhele,”ho rialo Morena.

54. “Dillo tsa mahlomoladi hlaha Babilona,ho utlwahala medumoya koduwa e kgolo,koduwa e tswangnaheng ya Bakalatiya.

55. Morena o timetsa Babilona,o fedisa lerata le leholo motseng;ba e futuhetsengba hwasa sa metsi a lewatle,ho utlwahala mokgosiwa bona wa ntwa.

56. Batupiba etseditse Babilona lelobelo,bahlabani ba yona ba ba thopile,diqha tsa bona tsohle di robehile,hobane Morena ke Modimoya phetetsang,o tla ba lefeletsa ka ho tlala.

57. Baetapele ba yona le bahlalefike tla ba tahisa,ke tahise babusile balaodi le bahlabani.Ba tla robala, ba roballe ruri,ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,”ho rialo Kgosi, eo bitso la yona e leng Morena wa mabotho.

58. Morena wa mabotho o bua tjena:“Rako le leholo la Babilonale tla heletswa,kgoro tsa yona tse phahamengdi tjheswe ka mollo;setjhaba sena se sebeleditse lelea,mesebetsi ya sonae fella malakabeng!”

59. Ona ke molaetsa oo Jeremia a neng a o nee molaodi Seraya, mora wa Neriya, setloholo sa Maasiya, ha a ne a eya Babilona, a ena le Sedekiya, kgosi ya Juda, ka selemo sa bone sa puso ya Sedekiya.

Jeremia 51