33. Morena wa mabotho o bua tjena:“Setjhaba sa Iseraele se hateletswe,esita le sona setjhaba sa Juda.Bathopi ba sonaba se tshwere ka thata,ba hana ho se lokollahore se tsamaye.
34. Empa Mopholosi wa sona o matla,Morena wa mabothoke lona lebitso la hae,se tla buellwa ke yenanyeweng ya sona.Lefatshe le tla tsebaho fumana phomolo,baahi ba Babilona bonaba hloke kgotso.
35. “Sabole e supile setjhaba,tjhaba sa Bakalatiya,”ho rialo Morena.“Baahi ba Babilonale bona e ba supile,e supile babusi ba yonale bahlalefi!
36. E supile baporofeta ba bohata,baporofeta ba Babilona!Baporofeta bao ba tla fetoha dithoto.Bahlabani ba Babilonale bona e ba supile,bahlabani baoba thothomela ke tshabo!
37. Sabole e supilele dipere tsa bona,ya supa le tsonakariki tsa bona tsa ntwa;e supile bohle bao e leng melata,kaofela ha bonaba tla fetoha basadi!Sabole e supilematlotlo a Babilona,kaofela ha wona matlotlo anaa tla hapuwa!
38. Sabole e supilemehlodi ya dinokana,metsi a tsona a tla psha kaofela,kahobane naha enake naha ya medingwana,medingwana e hlantshang bathoke ho e tshaba!
39. “Teng ho tla phelabatana tsa naha le diphokojwe,dimpshe le tsona di phele moo.Ha ho sa tla hlolaho eba le baahi hape,ha ho ya tla phela tengka mengwaha yohle.