Jeremia 50:24-29 BIBELE (SSO89SO)

24. Wena Babilonake o tjhehetse leraba,la ba la o tshwasa o sa le ela hloko;o ile wa fumanwa, mme wa hapuwa,hobane o ile wa lwana,wa lwantshana le Morena.

25. Morena o butse ntloya dihlomo tsa hae,hlomo tsa kgalefo ya hae a di ntsha.Morena Modimo wa mabotho,o na le mosebetsi,mosebetsi oo a o etsangnaheng ya Babilona.

26. Futuhelang Babilonale etswa hohle,disiu tsa yona le di qhaqholle;bokellang tsohle sa setha sa mabele,le di bokelle, le di senyetse ruri,le se ke la siya leha e le letho!

27. Bolayang bahlabani bohle,bahlabani ba Babilona,le ba theolelemoo ba tla hlabelwa teng.Bomadimabe ba bonake bo bokaakang!Tsatsi la kotlo ya bonale ba fihletse!

28. “Mamelang babalehiba phonyohileng Babilona,ba phatlalatsa Sionehore Morena o a iphetetsa,Morena Modimo wa rona,o a phetetsa,o phetetsa Tempele ya hae.

29. “Bohle ba fulang ka diqhale ka metsu,ba bitseng bohle,ba futuhele Babilona,ba e etsetse sakana-la-nkope,ba se tlohele le ya monga phonyoha.Putsang Babilonaka baka la ketso tsa yona,le e etse seo e ila se etsa ba bang,hobane Babilonae ikgantsheditse Morena,ya ikgatshetsaYa Halalelang wa Iseraele.

Jeremia 50