Jeremia 5:19-24 BIBELE (SSO89SO)

19. Etlare ha batho ba botsa, ba re: <Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona?> Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: <Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.>

20. “Bolelang tsenaho ba ntlo ya Jakobo,le di phatlalletseba ntlo ya Juda, le re:

21. Mamelang tsena,lona tjhaba se sethoto,lona tjhaba se se nang kutlwisiso,tjhaba se nang le mahloempa se sa bone,tjhaba se nang le ditsebeempa se sa utlwe:

22. Na ha le ntshabe?”ho rialo Morena.“Ha le thothomele kengha le le kapele ho nna?Nna ya etseditseng lewatle moedi,ka o etsa ka lehlabathe,moedi o sa tloheng,oo le ke keng la o tlola?Maqhubu a ka tsudubutlana,a ka ke be a o tlosa!A ka kwasa a ratile,a ke ke be a o tlola!

23. Empa tjhaba sena se manganga,se fetohaka feela;se se se kgelohile,mme jwale se iketse.

24. Ha se sa bua le ka dipelo, sa re:<A re tshabeng Morena,Modimo wa rona,ya re nesetsang dipula tsa hwetla,le mafafatsane a selemoka nako ya teng;ya sa keng a lebalaho re tlisetsadinako tse sa fetoheng,nako tsa ho kotula.>

Jeremia 5