20. Ka baka leo,utlwang diqeto tsa Morena,diqeto tseo a di etseditsengbaahi ba Edomo,merero eo Morena a e rerileng,a e rerela baahi ba Temana:Batjha ba setjhababa tla hulanngwa,ka baka la bonanaha ya bona e senngwe.
21. Etlare ha ba ewalefatshe le reketle,seboko sa bona se yo utlwahala,se utlwahale Lewatleng la Lehlaka.
22. Ntsu e tla solla hodimo,e ubelle,e thathalatse mapheo a yona,e a thathalatse hodima Bosera.Pelo tsa bahlabani ba Edomo,ka tsatsi leo,di tla ka pelo ya mosadi,mosadi a kena tlung.
23. Malebana le Damaseka Morena o re:“Baahi ba Hamate le ba Arepadeba tsielehile,hobane ba utlwile taba tse bohloko.Pelo tsa bona di nyahame haholo,di tshwenyehilesa lewatle le tsudubutlana.
24. Damaseka e se e fokola,e phekgohile, e hlanola tlhabela,tshabo le yona e se e e fihletse;bohloko bo e tshwerele mahlaba a e tshwere,mahlaba a kang a mosadi,mosadi a kena tlung.
25. Jo! Motse o tummengo furaletswe!Motse wa Damasekao nkgahlang haholo!
26. Ruri bahlankana ba wonaba tla bolawa diterateng,bahlabani ba kgutsiswemohla tsatsi leo,”ho rialo Morena wa mabotho.
27. “Marako a Damasekake tla a tjhesa,qhoboseheane tsa Bene-Hadadeke di timetse!”
28. Malebana le Kedare le mebuso ya Hasore, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e futuhela, Morena o re:“Ema, o futuhele baahi ba Kedare,baahi ba botjhabela o ba timetse.
29. O hape tente tsa bonale mehlape ya bona,le maphephe a bona o bo a nke,o nke thepa yohle ya bonale dikamele.Batho ba tla howeletsa,ba re ho bona:<Matshabehoa le potapotile kahohle!>
30. “Balehang kapele, ka ho potlaka!Ipateng mafarunglona baahi ba Hasore,”ho rialo Morena.“Nebukadenesare,kgosi ya Babilona,morero wa ho le futuhelao se a o rerile,moralo wa ho le futuhelao se a o radile.
31. “Emang le futuheletjhaba se iketlile,tjhaba se iphelela,se ena le letshepa,tjhaba se se nang dikgoro,se se nang le mekwallo,tjhaba se iphelelangse le inotshi feela,”ho rialo Morena.