Jeremia 48:25-32 BIBELE (SSO89SO)

25. Naka la Moabe le robehile,le letsoho la yona le phukgehile,”ho rialo Morena.

26. “Tahisang Moabe,hoba e ikakaseditse Morena,e tloheleng e qhafutsekahara mahlatsa a yona,e tloheleng e fetohe, e be sesomo.

27. Na hase Moabee neng e soma Baiseraele?Na e kila ba fumanaba le hara mashodu,hoo e thukuthang hloohoha e bua ka bona?

28. Lona baahi ba Moabetswang metseng ya lona,le yo iphelela kwana hara mafika,le ke leebale hahang sehlaha sa lona,le se hahang dintshing,ntshing tsa faru la lefika.

29. “Boikgantsho ba Moabere bo utlwile,boikgantsho bo boholole mabela a yona,boikgantsho ba yonale bona boikakaso,esita le mabifi a pelo ya yona.

30. Bokakalope ba Moabe ke a bo tseba,empa ke bokakalopebo se nang thuso,”ho rialo Morena,“ho ipoledisaka ha yonaha ho na molemo.

31. Ka baka leo, ke llela Moabe,ke llela baahi bohle ba Moabe,ke llela banna ba Kire-Harese.

32. Wena morara wa Sibemake a o llela!Ke o llelale ho feta baahi ba Jasere!Makala a morara wa Sibemaa thathaletse,a thathaletseho ya fihla lewatleng la Jasere,mosenyi o lobetse ditholwana,tholwana tsa lehlabula,o lobetse tholwanatsa morara wa hao.

Jeremia 48