Jeremia 46:19-23 BIBELE (SSO89SO)

19. Tlamang thoto ya lonale be baphaphathehi,lona matswallwa a naha ya Egepeta,hoba Nofa e tla ba nanaola,e hloke baahi.

20. “Egepeta e ka sethole se setlesetle,empa seboba se tswang leboyase tla e lomaka.

21. Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta,ba ka manamane a nontshitsweng;le bona ba tla phekgoha,ba balehe kaofela,ha ba ka ke ba tseba ho ema senna,hobane tsatsi la koduwale ba fihletse,ba fihletswe ke nako ya bona,nako ya ho ahlolwa.

22. Egepeta e tla hwasa,e hwase sa noha e baleha,e hwase ha sera se etla ka sekgahla;ba tla e futuhela ba tshwere dilepe,ba di tshweresa banna ba rema difate.

23. Moru wa Egepetaba tla o kgethula,”ho rialo Morena,“ba o kgethule leha o opane haholo,hobane ba feta le ditsie ka boiyane,palo ya bona hase e ka ba ya balwa.

Jeremia 46