1. Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia malebana le Bajuda bohle ba ahileng naheng ya Egepeta, e leng ba ahileng Migedole le Tahepanehese le Nofa, naheng ya Patarose, la re:
2. “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le bone koduwa e kgolo eo ke e dihetseng hodima Jerusalema le metse yohle ya Juda. Kajeno le a bona hore e fetohile lesupi, mme ha ho motho ya ahileng ho yona.
3. Ke ka lebaka la bokgopo boo baahi ba yona ba bo entseng, ba nkgalefisa ka ho tjhesetsa medimo esele mokubetso, le ho sebeletsa medimo eo, eo bona kapa lona kapa bo-ntata lona ba sa kang ba e tseba.
4. Leha ho le jwalo ke nnile ka romela bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka re: <Oho, se etseng manyala ana ao ke a hloileng!>