1. Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Jeremia, hoba Nebusaradane, mookamedi wa balebedi ba kgosi, a mo lokolle motseng wa Rama. O ne a ile a fumana Jeremia a tlanngwe ka mahlaahlela, a le hara bathopuwa bohle ba neng ba etswa Jerusalema le Juda, ba iswa bothopuweng, Babilona.
2. Molaodi wa balebedi ba kgosi a re ho Jeremia: “Morena Modimo wa hao, ke yena ya ileng a rerela sebaka sena koduwa ena.
3. Jwale Morena o e phethahaditse, o entse kamoo a itseng o tla etsa kateng hobane le sitetswe Morena, la se ke la mamela lentswe la hae; ka baka lena, koduwa ena e le wetse hodimo.
4. Empa bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a neng a le matsohong a hao. Haeba o bona ho lokela hore o ye le nna Babilona, a re ye, mme ke tla o hlokomela haholo. Empa haeba o bona ho sa lokele ho ya le nna Babilona, le teng o ka itulela. Bona mona, o ka ikela hohle moo o ratang ho ya teng naheng ena eo o leng ho yona.”
5. Yare Jeremia a eso ka a tsamaya, Nebusaradane a re: “Kgutlela ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ya beilweng ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa metse ya Juda, o phele le yena hara setjhaba, kapa o ikele kae kapa kae moo o ratang ho ya teng.”Yaba molaodi wa balebedi ba kgosi o mo fa mofao, o mo fa le mpho, o a mo lokolla.
6. Jeremia a ya Misepa ho Gedaleya, mora wa Ahikama, a phela le yena hara setjhaba se neng se setse naheng eo.