21. Ke tla bona mokgeleho fihlela neng,ke utlwe modumo wa lenakaho fihlela neng?
22. “Tjhaba sa ka se thotofetse,ha se sa ntseba,ke tseketseke tsa bana,ha se na kutlwisiso;ho etsa bokgopo se ho hlalefetse,ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”
23. Ka tadima lefatshe, mme ka le bonale se na sebopeho, le se na letho;le mahodimo ha ke a tadima,ka fumana le wona a se na leredi.
24. Ka tadima dithaba,ka bona di thothomela,maralla wohle le wona a sisinyeha.
25. Ka tadima hape,ka bona ho se na motho,nonyana tsohle tsa lehodimodi balehile.