Jeremia 4:15-21 BIBELE (SSO89SO)

15. Mokgosi o utlwahala o etswa Dane,o hlajwa thabeng ya Efraimeho bolela tlokotsi!

16. “Tsena o di tsebise ditjhaba tsohle,o phatlalletse le Jerusalema:<Mara a thibellanga tswa naheng e hole,a futuhela metse ya Judaka mehoo ya ntwa,

17. a e teela haresa banna ba lebetse tshimo,hobane e mphetohetse,> ”ho rialo Morena.

18. “Boitshwaro ba hao le diketso tsa haoke tsona tse tlisitseng tsena,tsa di tlisa ho wena;bona ke bona bokgopo ba hao.Bona kamoo bo babang kateng!Kamoo bo o kenang pelong kateng!”

19. “Ke longwa ke mala!Ke longwa ke mala!Botebo ba pelo ya kabo tletse mahlaba!Pelo ya ka e uba kahare ho nna;nke ke ka kgutsa,hobane ke utlwilemodumo wa lenakale mokgosi wa ntwa.

20. Koduwa di fihla ka ho latellana,hobane fatshe lohle le senyehile;hanghang tente tsa kadi a senyeha,masira a tsonaa tabohe ka ho panya ha ntshi.

21. Ke tla bona mokgeleho fihlela neng,ke utlwe modumo wa lenakaho fihlela neng?

Jeremia 4