Jeremia 38:5-9 BIBELE (SSO89SO)

5. Kgosi Sedekiya a re: “Ke eo, o matsohong a lona. Ha ho letho leo nna nka le etsang haeba lona le sa rate.”

6. Yaba ba nka Jeremia, ba mo akgela ka mokoting a tjhekilweng ke Malakiya, mora wa kgosi, o neng o le lebaleng la tjhankana, ba mo theolela ka mokoting ka mehala. Ho ne ho se metsi ka mokoting, haese seretse feela. Yaba Jeremia o tetebela seretseng.

7. Ha Ebede-Meleke wa Mokushe, eo e neng e le mohlanka ya sebetsang ka tlung ya kgosi, a utlwa hore ba dihetse Jeremia ka mokoting, ka nako eo kgosi e ne e dutse Monyako wa Benjamine,

8. Ebede-Meleke a tswa ka tlung ya kgosi, a buisana le kgosi, a re:

9. “Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.”

Jeremia 38