16. Morena o bua tjena:“Kgaotsa ho lla,o hlakole meokgo mahlong,hoba mosebetsi wa haoo tla fumana moputso,”ho rialo Morena.“Ba tla boela ba kgutlakwana naheng ya dira.
17. Tshepo ya horeo tla ba le ditloholo e teng,bana ba hao ba tla kgutlelanaheng ya habo bona,”ho rialo Morena.
18. “Ruri ke utlwileEfraime a itelela, a re:<Wena o ile wa nkotla,wa nkotla sa pohwana,pohwana ya lethapisana;nkgutlise ke hona,mme ke tla kgutla,hobane wena o Morena,Modimo wa ka.
19. Ruri hoba ke kgeloheke ile ka ikwahlaya,yare hoba ke rutweka kebisa hlooho ke ho swaba.Ka hlajwa ke dihlong,pelo ya ka ya nyahama,ka inyatsetsa dibetsa botjha ba ka.>