1. Morena o re:“Ha monna a hlala mosadi wa hae,mosadi a mo tlohela,a nyalwa ke monna osele,na monna a ka kgutlela ho yena?Naha e ka silafala kahohle!O bile seotswasa banna ba le bangata,na o ka boelawa kgutlela ho nna hape?”ho rialo Morena.
2. “Phahamisa mahloo tadime maralleng;ke kae moo o sa kangwa etsa bootswa teng?O ila emela banna kathoko ho tsela,wa ba lalla sa Moarabia lehwatateng.O silafaditse naha ka bootswa ba hao,wa e silafatsa le ka bokgopo ba hao.