Jeremia 29:14-32 BIBELE (SSO89SO)

14. Le tla mphumana,> ho rialo Morena, <mme ke tla le kgutlisa bothopuweng. Ke tla le phutha ditjhabeng tsohle le dinaheng tsohle tseo ke le leleketseng ho tsona,> ho rialo Morena, <ke le kgutlisetse sebakeng seo ke neng ke le nke ho sona, ka le isa bothopuweng.>

15. “Mohlomong le ka re: <Morena o re hlahiseditse baporofeta mona Babilona,>

16. empa Morena o bua tjena ka kgosi e dutseng teroneng ya Davida le ka setjhaba sohle se setseng motseng ona, e leng bang ka lona ba sa kang ba ya le lona bothopuweng,

17. e, Morena wa mabotho o bua tjena: <Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore ba tshwane le feiye e bodileng hoo e ke keng ya jewa.

18. Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, hore ba tle ba rohakwe, e be setsoto, le sekgobo, ba nyediswe ditjhabeng tseo ke ba leleketseng ho tsona.

19. Ke hobane ha ba a ka ba mamela mantswe a ka, ao ke nnileng ka ba romela wona ka makgetlokgetlo, ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta. Empa le lona ha le a ka la mamela,> ho rialo Morena.

20. “Ka baka leo, lona bohle ba bothopuweng, bao ke ileng ka ba tlosa Jerusalema ka ba isa Babilona, mamelang mantswe a Morena.

21. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le Akabe, mora wa Kolaya, le Sedekiya, mora wa Maasiya, ba le porofetelang leshano ka lebitso la Morena, o re: <Bonang, ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; yena o tla ba bolaya moo le ntseng le bona.

22. Bathopuwa bohle ba tswang naheng ya Juda, ba isitsweng Babilona, ha ba rohaka motho, ba tla re: Morena a ke a le etse seo a neng a se etse Sedekiya le Akabe, bao kgosi ya Babilona e neng e ba tjhese ka molla,

23. hobane ba ne ba entse manyala naheng ya Iseraele. Ba etsa bohlola le basadi ba ba ahelaneng le bona, ba bua leshano ka lebitso la ka, empa ke sa ba laela ho bua jwalo. Le nna ke a tseba, mme ke paki,> ho rialo Morena.

24. “Ho Shemaya ya tswang Nehelame le tle le bue tjena, le re:

25. <Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena, o re: Kaha o ngoletse setjhaba sohle sa Jerusalema, wa ngolla le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, wa ngolla le baprista bohle, wa re:

26. Morena o o entse moprista bakeng sa moprista Jehoyada, hore o be molebedi wa Tempele ya Morena, e le hore motho e mong le e mong ya itlhantshang ka ho iketsa moporofeta, o mo kenye tjhankaneng, o mo tlame ka mahlaahlela maotong le molaleng.

27. Jwale ke ka baka lang o sa kang wa kgalemela Jeremia wa Anatote ya ikentseng moporofeta wa lona?

28. O rometse molaetsa ho rona, Babilona, a re: Le tla nka nako e telele le ntse le thopilwe. Ikgaheleng matlo, le itulele ho wona; itemeleng dirapa, le itjelle tse melang ho tsona.> ”

29. Moprista Sofonea a bala lengolo lena moo moporofeta Jeremia a ntseng a utlwa.

30. Jwale lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:

31. “Romela molaetsa ho bothopuwa bohle, o re: <Malebana le Shemaya ya tswang Nehelame, Morena o bua tjena: Kaha Shemaya a le porofetetse, empa ke ne ke sa mo roma, mme a etsa hore le tshepe leshano,

32. ka baka leo, Morena o re: Bonang, ke tla otla Shemaya ya tswang Nehelame le ditloholo tsa hae. Ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla sala; le yena Shemaya ha a ka ke a bona tse molemo, tseo ke tla di etsetsa setjhaba sa ka, hobane o rutile setjhaba sa ka ho mphetohela,> ” ho rialo Morena.

Jeremia 29