Jeremia 27:16-22 BIBELE (SSO89SO)

16. Le ho baprista le setjhaba sohle ka bua, ka re: “Morena o re: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona, ba le porofetelang, ba re: <Bonang, haufinyane thepa ya Tempele ya Morena e tla kgutliswa Babilona,> hobane ba le porofetela leshano.

17. Le se ke la ba mamela; le sebeletse kgosi ya Babilona, le tle le phele. Ke ka baka lang ha le rata hore motse oo o tle o fetohe lesupi?

18. Empa haeba e le baporofeta, mme eba mantswe a bona ke a Morena, a ba ke ba rapele Morena wa mabotho hona jwale, hore thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema, e se ke ya iswa Babilona.

19. “Morena wa mabotho o bua tjena malebana le ditshiya le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona le ditshehetso le thepa e setseng motseng ona,

20. eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a sa kang a e nka ha a ne a thopa Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, a mo thopa Jerusalema, a mo isa Babilona, le mahosana wohle a Juda le Jerusalema;

21. e, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema:

22. <E tla nkwa, e iswe Babilona, mme e tla ba moo ho fihlela letsatsi leo ke tla e lata ka lona,> ho rialo Morena, <mme mohlang oo ke tla nyoloha le yona, ke e kgutlisetse sebakeng sena.> ”

Jeremia 27