Jeremia 26:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. haeba le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka, e leng baporofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo, le hoja le sa ka la ba mamela;

6. nna ke tla etsa hore Tempele ena e tshwane le Shilo, motse ona o rohakehe mahlong a ditjhaba tsohle tsa lefatshe.> ”

7. Yaba baprista le baporofeta, mmoho le setjhaba sohle, ba utlwa Jeremia ha a bua mantswe ana a le ka Tempeleng ya Morena.

8. Ha Jeremia a qetile ho bua tsohle tseo Morena a neng a mo laetse tsona hore a di bue ho setjhaba sohle, baprista le baporofeta mmoho le setjhaba sohle, ba mo tshwara, ba re: “Ruri o tlameha ho bolawa!

9. Ke ka baka lang ha o porofeta ka lebitso la Morena, o re: <Tempele ena e tla tshwana le Shilo, motse ona o tla fetoha lesupi, o hloke baahi?> ” Yaba setjhaba sohle se bokanela Jeremia ka Tempeleng ya Morena.

10. Ha mahosana a Juda a utlwa tsena, a nyoloha tlung ya kgosi, a ya Tempeleng ya Morena, a fihla a dula lebaleng la Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena.

Jeremia 26