7. Ke tla etsa hore dipelo tsa bona di ntsebe, di tsebe hore ke nna Morena. Bona e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla kgutlela ho nna ka dipelo tsa bona tsohle.
8. “ <Empa ha e le Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, le masalla a Jerusalema a ntseng a le naheng ena, le a phelang naheng ya Egepeta, bohle ke tla ba tshwantsha le feiye ena e bodileng hoo e ke keng ya jewa,> ho rialo Morena.
9. <Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, dibakeng tsohle tseo ke tla ba lelekela ho tsona ba nyediswe, e be setsoto, ba songwe, ba rohakwe.
10. Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ba fedile lefatsheng leo ke neng ke ba nee lona le bo-ntata bona.> ”