5. “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Baahi ba Juda ba thopilweng, bao ke ba ntshitseng naheng ena, ka ba isa naheng ya Bakalatiya, ke tla ba tadima ka mohau jwaloka feiye ena e ntle.
6. Ke tla ba alosa, ke ba etsetse tse molemo, mme ke ba kgutlisetse naheng ena hape. Ke tla ba bopa, ke se ke ka ba qhalanya; ke tla ba tsitsisa, ke se ke ka ba diha.
7. Ke tla etsa hore dipelo tsa bona di ntsebe, di tsebe hore ke nna Morena. Bona e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla kgutlela ho nna ka dipelo tsa bona tsohle.