13. “Ke bone sebesa baporofeta ba Samaria,ba porofetile ka Baale,ba kgelosa tjhaba sa ka sa Iseraele.
14. Hara baporofeta ba Jerusalemake bone se tshosang:Ba etsa bofebe,ba phela ka ho bua mashano,ba bile ba kgothaletsa bathoho etsa bokgopo,hoo ho seng ya furallangbokgopo ba hae.Kaofela ha bonaho nna ba tshwana le ba Sodoma,baahi ba tengba tshwana le ba Gomora hantle.”
15. Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena malebana le baporofeta:“Bonang, ke tla ba nwesa lengana,ke ba nwese metsia babang sa leshokgwa,hobane ho silafalaho tletseng kahara nahake ho tswang ho baporofeta,baporofeta ba Jerusalema.”
16. Morena wa mabotho o bua tjena:“Le se ke la mamelamantswe a baporofeta,ba le porofetelangka ho le bolella mafeela;ba bua ka dipono tse tswangmehopolong ya bona,e seng tse tswangka molomong wa Morena.
17. Ho ba nnyedisang,baporofeta ba re ho bona:<Morena o boletse horele tla phela ka kgotso;>ho ba latelang pelo tsa bonatse manganga, ba re:<Ha ho na koduwae tla le wela hodimo!>
18. Ke ofe ho bonaya kila ba lekgotleng la Morena?Ke ofe ya kila mmona,a ba a utlwa ntswe la hae?Ke ofe ya kila utlwantswe la hae, a le mamela?