Jeremia 22:13-18 BIBELE (SSO89SO)

13. “Ho madimabe ya hahangntlo ya hae ka bolotsana,a hahe disolloro tsa yonaka bomenemene;ya etsang hore mohahaboa sebeletse lelea,ya sa lefeng moputsowa mosebeletsi wa hae.

14. Ya reng: <Ke tla ikgahelantlo ya ka e kgolo,e nang le disolloro tse batsi.>A fela a e etsetsa difesetere,mabota a a manehemapolanka a dikedare,a ba e dile ka mobu o mofubedu.

15. “Na o tla busahobane o hahile ka dikedare?Na ntatao yena o na sa je,mme a sa nwe?Empa o nnile a sebetsaka toka le ka ho loka,yaba o phela hamonate,a phela ka boiketlo.

16. O ila ahlolelamofutsana le mohloki,yaba o phela hamonate,a phela ka boiketlo.Na hoo e ne se hona ho ntseba?ho rialo Morena.

17. “Mahlo a hao le pelodi buswa ke meharo ya hao,di buswa ke ho tsholla madia se na molato,di buswa ke kgatellole tlhokofatso ya batho.”

18. Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda:“Ha ba ka ke ba mo llela,ba re: <Jo nna, ngwaneso!Jo nna, kgaitsedi ya ka!>Ha ba ka ke ba mo llela,ba re: <Jo nna, monga ka!Jo nna, tlotla ya hae!>

Jeremia 22