Jeremia 14:11-16 BIBELE (SSO89SO)

11. Jwale Morena a re ho nna: “O se ke wa rapella katleho ya setjhaba sena.

12. Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”

13. Yaba ke re: “Ao! Morena Modimo, ako bone! Ke baporofeta ba ntseng ba re ho sona: <Le ke ke la bona sabole kapa la bolawa ke sekoboto. Ruri ke tla le nea kgotso ya kamehla yohle sebakeng sena.> ”

14. Jwale Morena a re ho nna: “Baporofeta ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke eso ka ke ba roma, kapa ho ba laela, leha e le ho bua le bona. Ba porofeta dipono tsa bohata, le bonohe ba leshano, le dintho tsa mafeela, le dithetso tse tswang dipelong tsa bona.”

15. Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: <Ha ho na ho ba le sabole kapa sekoboto naheng ena.> Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto.

16. “Setjhaba seo ba se porofetelang, se tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema ka baka la sekoboto le sabole. Ha ho ya tla se epela, kapa ya tla epela basadi ba sona, bara ba sona kapa baradi ba sona. Ke tla se dihela koduwa ka baka la bokgopo ba sona.

Jeremia 14