Jeremia 10:19-25 BIBELE (SSO89SO)

19. Ke madimabehobane ke tswile kotsi!Leqeba la ka ha le ka ke la fola!Empa ka pelong ka ikgothatsa,ka re: “Ena ke tsietsi ya ka,ke tlameha ho e mamella.”

20. Tente ya ka e senyehile,kgwele tsa yona tsohledi kgaohile;bana ba ka bohle ba ntshiile,ha ho ya setsengho hloma tente ya ka,kapa hona ho phuthollamasira a yona.

21. Badisa ba hloka kelello,thuso ya Morena ha ba e batle,kahoo ba ke ke ba fumana katleho,mehlape ya bona yohle e qhalakane.

22. Mamela! Molaetsa ke ona o a tla!Morusu o moholoo hlaha naheng e ka leboya!Metse ya Judae tla fetolwa nanaola,e fetohe dilao tsa diphokojwe.

23. Morena, sena ke a se tseba,motho ha a ikgethele tsela ya hae,hase yena ya laolang mehato ya hae.

24. Oho, Morena,ako nkgalemele ka toka,o se ke wa nkgalemela o halefile,esere wa mphetola lefeelafeelane.

25. Halefela tjhaba tsenatse sa o tsebeng,o halefele bathoba sa ipiletseng ho wena.Tjhaba tsena di metsitse Jakobo,tsa mo metsa bokwiditane,tsa mo timetsa,metse ya hae tsa e fetola nanaola.

Jeremia 10