1. “Tloong, re kgutleleng ho Morena:Ke yenaya re hlenhlantseng dinama,empa ke yena ya tla re fodisa;ke yenaya re ntshitseng maqeba,empa ke yena ya tla a tlama.
2. Kamora matsatsi a mabedio tla re phedisa,ka tsatsi la boraro ebe o a re emisa,re tle re phele mmoho le yena.
3. A re lekeng ho tseba Morena,re ikitlaeletseng ho mo tseba.Ho tla ha hae ke ha nnete,ha nnete ya ho tla ha mafube;o tla tla ho rona sa medupe ya pula,sa pula tse kolobisang,tse kolobisang mobu selemo.”
4. Empa Morena o re:“Wena Efraime,ke etse jwang ka wena?Wena Juda, ke etse jwang ka wena?Rato la lona le ka mohodio thibang hoseng,le ka phoka ya mesoe nyamelang kapele.
5. Kahoo ke le kgalemetseka baporofeta ba ka,ka dipolelo tsa ka ka le timetsa,kahlolo tsa katsa le wela sa lehadima.