4. “Diketso tsa bona di a ba thibela,ba sitwa ho kgutla,ho kgutlela ho Modimo wa bona.Moya wa bootswa o se o ba hapile,Morena yena ha ba mo tsotelle.
5. Boikgohomoso ba Iseraelebo a mo ahlola,Iseraele le Efraimeba tla kgothometseha,ba be ba weka baka la bokgopo ba bona,Juda le yena a we le bona.
6. Ba tla ya ka mehlape,ya dikgutshwane le ya makgomo,ba ye ka yona ho ya batla Morena,empa ha ba ka ke ba mo fumana,hobane yena o arohane le bona.
7. Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena,ba mo tswaletse bana,bana ba dikgaupane.Jwale etlare ha kgwedi e thwasa,ba timetswe le masimo a bona.”
8. “Letsang lenaka le le Gibea,le letse terompeta le le Rama;hlabang mokgosi le le Bete-Afene,pele-a-pele wena Benjamine!
9. Mohla le fihlang tsatsi la kahlolo,naha ya Efraimee tla fetoha nanaola.Ke phatlalletsa merabe ya Iseraele,ke e phatlalletsa seo e leng nnete.
10. Mahosana a Judaa ka ba tsekang meedi,ba suthisangmekolokotwane ya meedi.Ke tla hlatsa kgalefo ya ka,ke e hlatsetse hodima wona,ke e tshollele hodima wona,ke e tshollele sa morallo wa metsi.