2. Pelo tsa Baiseraele di tletse mano,kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona.Modimo o tla heletsadialetare tsa bona,a dihe difika tsa medingwana bona.
3. Jwale ba tla re:“Rona ha re na kgosi,hobane ha re a ka ra tshaba Morena.Esita leha re ne re ena le kgosi,kgosi eo e ne e tla re thusa ka eng?”
4. Ba etsa ditshepiso tsa bosawana,ba hlapanye ka leshano,ba etse le dilekane,kahoo ho hlaha dinyewe,nyewe tse ngatangata,di ke monatja o mela hara boleme.
5. Baahi ba Samaria ba tla thothomela,ba thothometswe ke manamane,manamane a Bete-Mene.Tjhaba sa Samariase tla llela namane eo,baprista ba yona le bona ba e llele,bona baprista ba neng ba e thabetse,ba nyakalletse tlotla ya namane,tlotla e seng e tlositswe,e tlositswe ho yona.