10. Ke ka baka leo lehodimo le sa le nesetsang pula, le lefatshe le sa le medisetsang dijo.
11. Ke omeleditse naha, le dithaba, le masimo a koro, le a morara, le a mohlwaare, le tsohle tse mediswang ke mobu; ka bolaisa batho le diphoofolo lenyora, le mesebetsi yohle ya matsoho a batho ka e nyopisa.”
12. Yaba Serubabele, mora wa Shealetiele, le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba, ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona, le molaetsa wa moporofeta Hagai, hobane a ne a ronngwe ke Morena Modimo wa bona. Setjhaba sa tshaba Morena haholo.
13. Jwale Hagai, leqosa la Morena, a phatlalletsa setjhaba molaetsa wa Morena, a re: “Ke na le lona,” ho rialo Morena.
14. Morena a susumetsa Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; a susumetsa le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba. Yaba ba a tla, ba qala ho haha Tempele ya Morena wa mabotho, Modimo wa bona.
15. Tsena di etsahetse ka la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse.