10. Moredekai a ngola lebitsong la kgosi Ahashuerushe, mme mangolo ao a a tiisa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana. Mangolo ana a romellwa ka maqosa a palameng dipere tsa kgosi, tsa madi, tse lebelo.
11. Mangolong ana kgosi ya fana ka tumello ya hore Bajuda ba metseng yohle ba kgobokane, mme ba itshireletse ka ho fedisa, le ho bolaya, le ho ripitla mabotho a setjhaba sefe kapa sefe, le naha efe kapa efe e ka ba futuhelang. Ba timetse masea le basadi, ba ikgapele maruo a batho bao.
12. Hona ho etsahale ka letsatsi le le leng, dinaheng tsohle tse buswang ke kgosi Ahashuerushe; letsatsi leo e be la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele.