Esetere 4:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Moredekai a tsebile tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itshela ka molora, a tsamaya hara motse, a ntse a bokolla haholo ka sello se bohloko.

2. A fihla a ema kapele ho monyako wa kgosi, hobane ho ne ho se ya ka kenang ka monyako wa kgosi a apere tse mahwashe.

3. Naheng e nngwe le e nngwe, eo taelo ena ya kgosi e ileng ya fihla ho yona, ya eba seboko se seholo hara Bajuda. Ba itima dijo, ba lla, ba bokolla; ba bangata ba ala tse mahwashe, ba ipitika moloreng.

4. Makgabunyane a Esetere le mahaole a hae, a fihla a mmolella. Mofumahadi Esetere a utlwa bohloko haholo, mme a romela diaparo ho Moredekai, hore a apare, a hlobole tse mahwashe, empa Moredekai a se ke a di amohela.

5. Jwale Esetere a bitsa Hatake, e mong wa mahaole a kgosi ya neng a mo sebeletsa, a mo laela hore a yo bona hore na molato ke ofe ho Moredekai, le hore na ke hobaneng.

6. Yaba Hatake o ya ho Moredekai, lebaleng le neng le le kapele ho monyako wa kgosi.

7. Moredekai a mmolella tsohle tse mo hlahetseng, le tsa tjhelete eo Hamane a tshepisitseng hore o tla e kenya letloleng la kgosi, hore ho tle ho timetswe Bajuda.

8. A mo nea le lengolo la taelo e phatlaladitsweng Shushane, ya hore ho timetswe Bajuda. A re a yo le nea Esetere, a mo hlalosetse lona, a be a mo laele hore a ye kapele ho kgosi, ho ya mo etsetsa thapedi, le ho batlela setjhaba sa habo thuso ho kgosi.

9. Hatake a fihla, a bolella Esetere ditaba tsa Moredekai.

Esetere 4