11. Kgosi ya re ho Hamane: “Ke o nea tjhelete eo, ke o nea le setjhaba seo, hore o iketsetse borata ka sona.”
12. Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana.
13. Maqosa a isa mangolo ana dinaheng tsohle tsa kgosi, hore ka tsatsi le le leng, la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, ho tle ho timetswe, ho bolawe, ho ripitlwe Bajuda bohle, ba batjha le maqheku, masea le basadi, mme ho hapuwe tsohle tsa bona.