Esera 9:12-15 BIBELE (SSO89SO)

12. Ka baka leo he, le se ke la nyallana le bona, leha e le ho sebeletsa kgotso ya bona, kapa ho tswela pelo leruo la bona ho isa kgale, e le hore le tle le matlafale, le je menono ya naha eo, le e siele bana ba lona hore e be lefa la bona la kamehla yohle.>

13. “Tsena tsohle, tse re hlahetseng, di bakilwe ke diketso tsa rona tse kgopo, le ditshito tsa rona tse kgolo, empa wena, Modimo wa rona, o re otlile hanyenyane ho feta kamoo bokgopo ba rona bo leng kateng, mme wa re siela mesaletsana ena e teng.

14. Na ebe re sa tla boela re tlola melao ya hao, re nyallana le ditjhaba tsee, tse etsang dintho tse nyonyehang hakaale? Na o ke ke wa re halefela, mme wa qetella o re timeditse, hoo ho ke keng ha eba le mesaletsana kapa ba phonyohang?

15. Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena o lokile, hobane ke mona kajeno re mesaletsana e phonyohileng, mme re kapele ho wena re ntse re le hara melato ya rona, le hoja re ke ke ra ema kapele ho wena, ka baka la yona.”

Esera 9