11. “Ho feta moo, ke le laela hore mang kapa mang ya tla fetola taelo ena, ho rutlwe balaka ya ntlo ya hae, a totomelwe ho yona, a thakgiswe ho yona, a leketle, mme ntlo ya hae e fetohe qubu ya moitedi.
12. Modimo ya kgethileng Jerusalema hore a kgumamellwe teng, a ke a timetse dikgosi tsohle, le ditjhaba tsohle, tse tla kenya letsoho ho fetola kapa ho senya Tempele ena ya Modimo, e Jerusalema.“Ya laelang jwalo ke nna, Dariuse. Taelo ena e phethwe ka ho tlala.”
13. Yaba bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba phetha ka ho tlala tsohle tseo kgosi Dariuse a ba laetseng tsona.
14. Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.
15. Ka letsatsi la boraro la kgwedi ya Hlakubele, e leng ka selemo sa botshelela sa puso ya kgosi Dariuse, Tempele ena ya qetwa ho hahuwa.