9. “Re ile ra botsa baholo bao, ra re ho bona: <Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela marako aa?>
10. Re ile ra ba botsa le mabitso a bona, e le hore re ngole mabitso a baetapele bao ba bona, re tle re o tsebise.
11. “Bona ba re araba tjena, ba re: <Rona re bahlanka ba Modimo wa lehodimo le wa lefatshe. Re tsosa Tempele e neng e hahwe mehleng ya kgale, ya hahwa ke kgosi e tumileng ya Iseraele, ya ba ya e phetha.
12. Kahobane bo-ntata rona ba ne ba halefise Modimo wa mahodimo, o ile a neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare wa Mokalatiya, kgosi ya Babilona, ya ileng a senya Tempele ena, mme a thopa setjhaba, a se isa Babilona.