Esera 5:6-12 BIBELE (SSO89SO)

6. Lengolo leo bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, e leng bahlanka ba mmuso ba neng ba le ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ba ileng ba le ngola, ke lena:

7. Lengolo lena le neng le rometswe ho kgosi le ne le re:“Kgotso yohle e be le kgosi Dariuse!

8. “Kgosi e ke e tsebe hore re ile ra ya naheng ya Juda, Tempeleng ya Modimo e moholo. Tempele eo e ntse e hahwa ka majwe a maholo, mme maboteng a yona ho ntse ho manehwa mapolanka. Mosebetsi oo o etswa ka makgethe, mme o a atleha.

9. “Re ile ra botsa baholo bao, ra re ho bona: <Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela marako aa?>

10. Re ile ra ba botsa le mabitso a bona, e le hore re ngole mabitso a baetapele bao ba bona, re tle re o tsebise.

11. “Bona ba re araba tjena, ba re: <Rona re bahlanka ba Modimo wa lehodimo le wa lefatshe. Re tsosa Tempele e neng e hahwe mehleng ya kgale, ya hahwa ke kgosi e tumileng ya Iseraele, ya ba ya e phetha.

12. Kahobane bo-ntata rona ba ne ba halefise Modimo wa mahodimo, o ile a neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare wa Mokalatiya, kgosi ya Babilona, ya ileng a senya Tempele ena, mme a thopa setjhaba, a se isa Babilona.

Esera 5